-
Deuteronoma 29:22-24Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Ha moloko o tlang wa bara ba lona le baditjhaba ba tswang naheng e hole ba bona dikotlo tsa naha le malwetse ao Jehova a a tlisitseng naheng, 23 ba bona naha yohle e fediswa ka sebabole, letswai le mollo ebile e sa jalwa kapa e sa beha kapa ho se na dimela le ha e le dife tse melang ho yona, hoo e shebahalang jwalo ka Sodoma le Gomora,+ Adma le Zeboime+ tseo Jehova a ileng a di fedisa ka bohale ba hae, 24 bona le ditjhaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Keng e entseng hore a halefe hakana?’
-
-
Jeremia 18:16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
E mong le e mong ya fetang pela yona o tla sheba a tshohile mme a sisinye hlooho.+
-