Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Genese 14:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ho roriswe Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa,

      Ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao!”

      Yaba Abrame o mo fa karolo ya leshome ya dintho tsohle tse neng di hapilwe.+

  • Genese 28:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Lejwe lena leo ke le hlommeng e le sehopotso le tla fetoha ntlo ya hao Modimo+ wa ka mme ke tla o fa karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe eo o tla mpha yona.”

  • Numere 18:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Ke file bara ba Levi karolo e nngwe le e nngwe ya leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa tshebeletso eo ba e etsang, e leng tshebeletso ya tente ya pokano.

  • Numere 18:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 “O re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ya leshome eo ke le fileng yona bakeng sa lefa la lona+ mme ho tswa karolong eo ya leshome le lokela ho nehela karolo ya leshome e le monehelo ho Jehova.+

  • Deuteronoma 14:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Le etse bonnete ba hore le fana ka karolo ya leshome ya dihlahiswa tsohle tsa peo ya lona tse tswang masimong selemo le selemo.+

  • 2 Dikronike 31:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Ha Baiseraele ba utlwa taelo eo, ba fana ka dihlahiswa tsa pele tse ngata e leng koro,* veine e ntjha, oli,+ mahe a dinotshi le dihlahiswa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ya leshome ya dintho tsohle ka bongata.+

  • Nehemia 13:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Bajuda bohle ba tlisa karolo ya leshome+ ya dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli ditorong.+

  • Malakia 3:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Tlisang karolo yohle ya leshome* ka tlung ya polokelo+ e le hore ho be le dijo ka tlung ya ka.+ Ke kopa le nteke, le bone hore na nke ke ka le bulela dikgoro tsa mahodimo+ ke be ke le tshollele ditlhohonolofatso ho fihlela le se le sa hloke letho,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

  • Luka 11:42
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 42 Empa le madimabe lona Bafarisi hobane le fana ka karolo ya leshome ya kwena, rue* le meroho e meng kaofela+ empa ha le etsise Modimo ka hore le be le lerato le toka. Le ne le tlameha ho etsa dintho tsena empa eseng hore le iphapanyetse dintho tse ding.+

  • Baheberu 7:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Ke nnete hore ho ya ka Molao, Balevi+ ba neng ba kgethilwe hore e be baprista, ke bona ba neng ba laetswe ho nka karolo ya leshome ho bana ba bo bona+ le hoja bana bao ba bo bona e ne e le ditloholo tsa Abrahama.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela