-
Levitike 12:7, 8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Moprista a e tlise ka pela Jehova mme a etsetse mosadi eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, o tla hlweka phallong ya hae ya madi. Ona ke molao bakeng sa mosadi ya bang le ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana. 8 Empa haeba a ke ke a kgona ho fana ka nku, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi,+ le leng bakeng sa nyehelo ya setjheso le le leng bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe mme o tla hlweka.”
-
-
Levitike 14:21, 22Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Le ha ho le jwalo, haeba e le mofutsana mme a kolla ntsi hanong, jwale a nke ramo e le nngwe e nyenyane e le nyehelo ya molato bakeng sa nyehelo e tsokwang e le hore a iketsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ha mmoho le khilokramo e le nngwe* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo, tekanyo ya kopi e le nngwe* ya oli 22 le maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi, ho latela ka moo a kgonang. Le leng e be la nyehelo ya sebe mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.+
-
-
Levitike 15:13-15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Haeba ho dutla ho emisa mme monna eo a hlweka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhwekiso ya hae, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi a sa tswa kguwa mme o tla hlweka.+ 14 Letsatsing la borobedi, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ mme a tle monyako wa tente ya pokano ka pela Jehova, a a fe moprista. 15 Moprista a fane ka ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ya sebe mme le leng e le nyehelo ya setjheso mme moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova mabapi le ho dutla ha hae.
-