-
Levitike 1:15-17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Moprista a a hlahise aletareng mme a a phunye molaleng. A etse hore a kubelle aletareng empa madi a ona a ntshetswe lehlakoreng la aletare. 16 A ntshe kila le masiba a ona mme a di lahlele ka thoko ho aletare, ka botjhabela moo ho qhallwang molora.*+ 17 A a sehe pela mapheo empa a sa a arole dikarolo tse pedi. Moprista a etse hore a kubelle aletareng hodima patsi e mollong. Ke nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*
-