-
Joshua 5:6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Baiseraele ba ne ba tsamaile dilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela setjhaba sohle se shwele e leng banna ba ntwa ba tswileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentswe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba dumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholoholo ba bona hore o tla ba fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+
-
-
Pesaleme 95:10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ke ile ka nyonya moloko oo ka dilemo tse 40 yaba ke re:
“Ke setjhaba se dulang se ntlhanohela ka dipelong tsa sona.
Ha se tsebe ditsela tsa ka.”
-