-
Numere 3:25, 26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
25 Boikarabelo ba bara ba Gershone+ ka tenteng ya pokano e ne e le ho hlokomela tabernakele+ le masela a yona a e kwahelang+ ka hare le ka ntle, kgaretene+ ya monyako wa tente ya pokano, 26 masela a lepeletseng+ a lebala, kgaretene+ ya monyako wa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tente le mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena.
-
-
Numere 4:24-26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Dintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsweng ho di hlokomela le ho di jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ya pokano, lesela la tente le entsweng ka matlalo a diqibi* le lesela la tente le ka tlasa lona.+ Hape ba jare kgaretene ya monyako wa tente ya pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kgaretene ya monyako wa keiti ya lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tsona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tsona le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya yona. Ona ke mosebetsi wa bona.
-