-
Numere 3:36, 37Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
36 Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo+ tsa yona, dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, disebediswa+ tsohle tsa yona le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena,+ 37 ha mmoho le dipilara tse neng di potolohile lebala le ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente le dithapo tsa tsona tsa tente.
-
-
Numere 4:31-33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
31 Tsena ke dintho tseo ba lokelang ho di jara+ mabapi le tshebeletso ya bona ya tente ya pokano: Diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo tsa yona,+ dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti,+ 32 dipilara+ tse potolohileng lebala, ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente+ le dithapo tsa tsona tsa tente ha mmoho le disebediswa tsohle tsa tsona le tshebeletso yohle e amanang le dintho tsena. O ba abele disebediswa tseo ba lokelang ho di jara ho ya ka mabitso a bona. 33 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka yona tenteng ya pokano. Ithamare mora wa moprista Arone+ e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.”
-