Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 4:14-16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Jehova a halefela Moshe yaba o re: “O na le abuti wa hao wa Molevi e leng Arone.+ Ke a tseba hore yena o kgona ho bua hantle. Hona jwale o tseleng ho tla kopana le wena mme ha a o bona, o tla thaba haholo.+ 15 O mo bolelle hore na a reng.+ Ke tla ba le lona ha le ntse le bua+ mme ke tla le bolella hore na le etseng. 16 O tla o buella ho batho, e tla ba mmuelli wa hao mme o tla ba jwalo ka Modimo ho yena.*+

  • Exoda 4:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Arone a ba bolella mantswe ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe mme a etsa mehlolo+ ka pela setjhaba.

  • Exoda 15:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Moprofeta Miriame, kgaitsedi ya Arone a letsa moropa o monyenyane o letsohong la hae mme basadi bohle ba mo sala morao ka meropa e menyenyane ba ntse ba tantsha.

  • Exoda 28:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 O kenye Urime le Thumime*+ ka hara mokotlana wa sefuba wa kahlolo mme di be hodima pelo ya Arone ha a kena ka pela Jehova. Arone a di jare hodima pelo ya hae ka pela Jehova ka mehla bakeng sa ho etsa diqeto tse mabapi le Baiseraele.

  • Mikea 6:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ke le ntshitse naheng ya Egepeta.+

      Ka le lopolla naheng eo le neng le le makgoba ho yona.+

      Ka romela Moshe, Arone le Miriame hore ba le tataise.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela