Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 4:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kwahele dintho tsa sebaka se halalelang le thepa yohle ya sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba di nke+ empa ba se ke ba thetsa dintho tsa sebaka se halalelang, ho seng jwalo ba tla shwa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela dintho tsena tse amanang le tente ya pokano.

  • Numere 4:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ba se ke ba kena ebe ba bona dintho tse halalelang le ha e le ka motsotswana, ho seng jwalo ba tla shwa.”+

  • Numere 16:39, 40
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Ka hoo, moprista Eleazare a nka dipane tsa mollo tsa koporo tse neng di hlahisitswe ke ba ileng ba tjheswa mme a di tula bakeng sa ho di manamisa aletareng 40 feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile le yena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ya sa dumellwang* ha a lokela ho atamela hore a tjhese dibano ka pela Jehova,+ le hore ho se ke ha eba le motho ya tshwanang le Kora le batshehetsi ba hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela