Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 23:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 O tlise dihlahiswa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butswitseng tse tswang mobung ka tlung ya Jehova Modimo wa hao.+

      O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.+

  • Numere 15:18, 19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le isang ho yona 19 mme le ja bohobe* ba naha+ eo, le fe Jehova monehelo.

  • Numere 18:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Dintho tsena le tsona ke tsa hao: Dimpho tseo ba fanang ka tsona+ ha mmoho le dinyehelo tsohle tse tsokwang+ tsa Baiseraele. Ke di file wena le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja.+

  • Numere 18:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 “O re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ya leshome eo ke le fileng yona bakeng sa lefa la lona+ mme ho tswa karolong eo ya leshome le lokela ho nehela karolo ya leshome e le monehelo ho Jehova.+

  • Numere 31:28, 29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 O nkele Jehova lekgetho ho masole a neng a ile ntweng, e leng motho a le mong sehlopheng sa batho ba 500 le phoofolo e le nngwe ho tse 500 mehlapeng ya diphoofolo tse kgolo, mehlapeng ya dinku, dipodi le ditonki. 29 O nke lekgetho leo karolong eo ba e fuweng mme o le fe moprista Eleazare e le monehelo wa Jehova.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela