Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 2:30-35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Empa Morena Sihone wa Heshbone ha a ka a re dumella hore re fete hobane Jehova Modimo wa lona o ile a mo dumella hore a be manganga+ le hore pelo ya hae e thatafale e le hore a nehelane ka yena matsohong a lona jwalo ka ha a entse hona jwale.+

      31 Yaba Jehova o re ho nna, ‘Bona, ke le file Sihone le naha ya hae. E nkeng hore e be ya lona.’+ 32 Ha Sihone a tswa le setjhaba sohle sa hae ho re kgahlanyetsa ka ntwa Jahaze,+ 33 Jehova Modimo wa rona a nehelana ka yena ho rona mme re ile ra mo hlola, ra hlola le bara ba hae le setjhaba sohle sa hae. 34 Re ile ra hapa metse yohle ya hae ka yona nako eo mme ra fedisa motse o mong le o mong ho akarelletsa le banna, basadi le bana. Ha ho na motho ya ileng a pholoha.+ 35 Re ile ra inkela feela mehlape ha mmoho le dintho tsa metseng eo re e hapileng.

  • Deuteronoma 29:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Qetellong le ile la fihla sebakeng sena yaba Sihone morena wa Heshbone+ le Oge morena wa Bashane+ ba a re futuhela empa ra ba hlola.+

  • Baahlodi 11:19, 20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Ka mora moo, Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone mme Baiseraele ba re ho yena: “Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao re ye ha habo rona.”+ 20 Empa Sihone o ne a sa tshepe Baiseraele. Ka hoo, ha a ka a ba dumella hore ba fete naheng ya hae. Yaba Sihone o bokella masole a hae ohle, a hloma ditente Jahaze mme a lwantsha Baiseraele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela