-
Baahlodi 11:23, 24Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 Jehova Modimo wa Iseraele ke yena ya ileng a leleka Baamore naheng ena, a e fa setjhaba sa hae sa Baiseraele,+ jwale na o batla ho ba leleka? 24 Na ha le nke ntho e nngwe le e nngwe eo modimo wa lona Kemoshe+ a le fang yona? Ka hoo, le rona re tla nka naha le ha e le efe eo Jehova Modimo wa rona a re fang yona.+
-
-
2 Marena 23:13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Morena a silafatsa dibaka tse phahameng tsa borapedi ba bohata tse neng di le ka pela Jerusalema ka borwa* ho Thaba ya Tshenyo,* e le hore ho se ke ha hlola ho rapellwa ho tsona. E ne e le dibaka tseo Solomone morena wa Iseraele a neng a di hahetse Ashtorethe modimo ya nyonyehang wa Basidone, Kemoshe modimo ya nyonyehang wa Moabe le Milkome+ modimo ya nyonyehang wa Baamone.+
-