-
Numere 22:16, 17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 Tsa fihla ho Balame mme tsa re ho yena: “Balake mora wa Zipore o itse, ‘Ke kopa hore o se ke wa dumella letho ho o thibela ho tla ho nna 17 hobane ke tla o fa moputso o moholo mme ke tla etsa ntho le ha e le efe eo o reng ke e etse. Ka hoo, ka kopo tloo mme o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka.’”
-
-
Numere 24:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Yaba Balake o halefela Balame. Balake a opa diatla a halefile yaba o re ho Balame: “Ke o bitseditse hore o bitsetse dira tsa ka bomadimabe+ empa wena o di hlohonolofaditse ka makgetlo ana a mararo. 11 Jwale eya hae hona jwale. Ke ne ke ikemiseditse ho o putsa haholo+ empa Jehova o o thibetse hore o fumane moputso.”
-