-
Numere 23:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Balake a re ho yena: “Ke kopa o tle le nna sebakeng se seng seo o tla ba bona o le ho sona. O ke ke wa ba bona kaofela. O tla kgona ho bona feela karolo e itseng ya bona. Ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 14 Ka hoo, a mo isa tshimong ya Zofime, ka hodima Pisga+ mme a haha dialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+
-