-
Numere 23:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Balake a re ho yena: “Ke kopa o tle le nna sebakeng se seng seo o tla ba bona o le ho sona. O ke ke wa ba bona kaofela. O tla kgona ho bona feela karolo e itseng ya bona. Ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 14 Ka hoo, a mo isa tshimong ya Zofime, ka hodima Pisga+ mme a haha dialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+
-
-
Numere 23:28-30Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
28 Yaba Balake o isa Balame ka hodima Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29 Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.”+ 30 Ka hoo, Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse mme a nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.
-