Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 22:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Mang kapa mang ya etsetsang medimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolawe.+

  • Exoda 32:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Moshe a bona hore setjhaba se ne se tswile taolong hobane Arone ha a ka a se thiba mme se ile sa itlotlolla ka pela bahanyetsi ba sona.

  • Exoda 32:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o itse, ‘E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae mme a tsamaye hohle ditenteng ho tloha keiting e nngwe ho ya ho e nngwe, a bolaye ngwanabo, moahisani wa hae le motho eo a mo tlwaetseng haholo.’”+

  • Deuteronoma 13:6-9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Haeba ngwaneno, mora wa mme wa hao, mora wa hao, moradi wa hao, mosadi wa hao ya ratehang kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo a leka ho o hohela sephiring a re, ‘A re ye mme re sebeletse medimo e meng,’+ medimo eo wena kapa baholoholo ba hao le sa kang la e tseba, 7 medimo ya ditjhaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya naha ho ya pheletsong e nngwe ya naha, 8 o se ke wa dumellana le yena kapa wa mo mamela+ kapa wa mo utlwela bohloko kapa wa mo qenehela kapa wa mo sireletsa. 9 Ho ena le hoo, ka sebele o lokela ho mo bolaya.+ E be wena wa pele ya mo tlepetsang ka majwe e le hore a shwe ebe ka mora moo setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela