LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Numere 16:39, 40
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Ka hoo, moprista Eleazare a nka dipane tsa mollo tsa koporo tse neng di hlahisitswe ke ba ileng ba tjheswa mme a di tula bakeng sa ho di manamisa aletareng 40 feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile le yena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ya sa dumellwang* ha a lokela ho atamela hore a tjhese dibano ka pela Jehova,+ le hore ho se ke ha eba le motho ya tshwanang le Kora le batshehetsi ba hae.+

  • 1 Samuele 6:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Empa Modimo a bolaya batho ba Bethe-shemeshe hobane ba ile ba sheba Areka ya Jehova. O ile a bolaya batho ba 50 070* hara setjhaba mme setjhaba sa utlwa bohloko hobane Jehova o ne a bolaile batho ba bangata.+

  • 2 Dikronike 26:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ha a se a le matla, a ikgohomosa mme sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha a ka a tshepahalla Jehova Modimo wa hae yaba o kena ka tempeleng ya Jehova ho ya tjhesa dibano aletareng.+

  • 2 Dikronike 26:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha o a lokela ho tjhesetsa Jehova dibano.+ Ke baprista feela ba kgethetsweng ho di tjhesa hobane ke ditloholo tsa Arone.+ Tswa ka mona ka sehalalelong hobane ha o a tshepahalla Jehova Modimo ebile a ke ke a o tlotlisa.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share