-
Joshua 1:14, 15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Basadi, bana le diphoofolo tsa lona di tla dula naheng eo Moshe a le fileng yona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tshela le hlophisehile jwalo ka lebotho la ntwa ka pela bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15 ho fihlela Jehova a etsa hore ba dule ba sireletsehile jwalo ka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Modimo wa lona a ba fang yona. Ka mora moo, le tla kgutlela naheng eo le e fuweng e leng naha eo Moshe mohlanka wa Jehova a le fileng yona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.’”+
-