-
Joshua 13:24-28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ya ka malapa a lona. 25 Naha ya bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse yohle ya Gileade le halofo ya naha ya Baamone+ ho ya fihla Aroere e shebaneng le Raba+ 26 le ho tloha Heshbone+ ho ya Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ya moeding wa Debire 27 le kgohlong,* Bethe-harame, Bethe-nimra,+ Sukothe+ le Zafone e leng tse ding tsa dibaka tse buswang ke Morena Sihone wa Heshbone,+ Jordane e le moedi ho tloha lebopong la Lewatle la Kinerethe*+ ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane. 28 Lena e ne e le lefa la Bagade ka malapa a bona ha mmoho le metse le metsana ya yona.
-