-
Numere 32:1-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba ena le diphoofolo tse ngata haholo mme ba bona hore naha ya Jazere+ le ya Gileade e ne e le dibaka tse ntle bakeng sa diphoofolo. 2 Ka hoo, bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, ho moprista Eleazare le ho dikgosana tsa setjhaba mme ba re: 3 “Atarothe, Dibone, Jazere, Nimra, Heshbone,+ Eleale, Sebame, Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlotseng ka pela setjhaba sa Iseraele,+ ke naha e ntle bakeng sa diphoofolo mme re na le diphoofolo tse ngata.”+ 5 Ba boela ba re: “Haeba o dumela, re kopa o re fe naha ena. O se ke wa re tshedisa Jordane.”
-