LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Ke modimo ofe hara medimo ya jwalo ka wena, Jehova?+

      Ke mang ya jwalo ka wena, ya halalelang ka ho fetisisa?+

      O lokela ho tshajwa le ho roriswa ka dipina, wena ya etsang dintho tse makatsang.+

  • 2 Samuele 7:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Ke ka lebaka leo o leng moholo+ Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Ha ho na ya tshwanang le wena+ mme ha ho Modimo ntle ho wena.+ Dintho tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona di paka sena.

  • 1 Marena 8:23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 a re: “Jehova Modimo wa Iseraele, ha ho na Modimo ya tshwanang le wena+ hodimo mahodimong kapa tlase lefatsheng. O tshepahalla selekane sa hao ebile o bontsha bahlanka ba hao ba o sebeletsang ka dipelo+ tsohle hore o a ba rata.*+

  • Pesaleme 86:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Ha ho na modimo ya tshwanang le wena Jehova,+

      Ha ho na ya entseng dintho tse tshwanang le tseo o di entseng.+

  • Jeremia 10:6, 7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ha ho ya tshwanang le wena Jehova.+

      O moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.

       7 Ke mang ya sa lokelang ho o tshaba, wena Morena wa ditjhaba?+ O lokela ho tshajwa.

      Hara batho bohle ba bohlale ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya bona,

      Ho hang ha ho ya tshwanang le wena.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share