-
Deuteronoma 30:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+
-
-
Deuteronoma 30:8-10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Le tla kgutla mme le mamele lentswe la Jehova le be le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 9 Jehova Modimo wa lona o tla le atlehisa haholo mosebetsing o mong le o mong oo le o etsang,+ a atise bana ba lona, mehlape ya lona le dihlahiswa tsa lona hobane Jehova o tla boela a thabele ho le atlehisa, feela jwalo ka ha a ile a thabela ho atlehisa baholoholo ba lona.+ 10 Le tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona mme le boloke ditaelo tsa hae tse ngotsweng bukeng ena ya Molao mme le tla kgutlela ho Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle.+
-
-
1 Marena 8:48, 49Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
48 se kgutlela ho wena ka dipelo tsohle tsa sona+ le ka moya* wohle wa sona se le botlamuweng mme se rapela se shebile naha ya sona eo o e fileng baholoholo ba sona le motse oo o o kgethileng ha mmoho le ntlo eo ke o hahetseng yona,+ 49 o utlwe thapelo le kopo ya sona o le mahodimong sebakeng seo o dulang ho sona+ mme o fane ka kahlolo bakeng sa sona.
-