Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 34:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Jehova o ne a feta ka pela hae mme a re: “Ke nna Jehova, ke nna Jehova, Modimo ya mohau+ le ya nang le kutlwelobohloko,*+ ya diehang ho halefa+ le ya nang le lerato*+ le nnete,*+

  • Deuteronoma 30:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • 2 Dikronike 30:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Ha le ka kgutlela ho Jehova, batho ba tshwereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba dumelle ho kgutlela naheng ena+ hobane Jehova Modimo wa lona o na le kutlwelobohloko* ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le kgutlela ho yena.”+

  • Nehemia 9:31
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Ka hobane o mohau, ha o a ka wa ba fedisa+ kapa wa ba lahla ka ha o Modimo ya utlwelang batho bohloko* le ya mohau.+

  • Esaia 54:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 “Ke o lahlile ka nakwana

      Empa ka lebaka la mohau ke tla o kgutlisa.+

  • Esaia 55:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae,+

      A tlohele ho nahana bokgopo.

      A ke a kgutlele ho Jehova, ya tla mo hauhela,+

      A kgutlele ho Modimo wa rona hobane o tla mo tshwarela ka pelo yohle.*+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela