17 O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong. O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong,+ lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong.”+
15 Yaba o re ho bona: “Itlhokomeleng mme le qobe mefuta yohle ya meharo+ hobane le haeba motho a ena le dintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.”+
7 Na jwale re re Molao ke sebe? Ho hang! Nka be ke sa tsebe hore na hantle sebe keng hoja ha se ka Molao.+ Ka mohlala, nka be ke sa tsebe hore ke phoso ho lakatsa dintho tsa motho e mong hoja Molao ha o a ka wa re: “O se ke wa lakatsa dintho tsa motho e mong.”+