-
Numere 13:23-27Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 Ha ba fihla Kgohlong* ya Eshkole,+ ba kgaola lekala le nang le morara o mongata, leo banna ba babedi ba neng ba lokela ho le jara hodima palo ha mmoho le dikgarenate le difeie.*+ 24 Ba reha sebaka seo Kgohlo ya Eshkole*+ ka lebaka la morara o mongata oo Baiseraele ba o kgileng moo.
25 Ka mora matsatsi a 40+ ba kgutla ho tswa hlwela* naha. 26 Ka hoo, ba kgutlela ho Moshe le Arone le ho setjhaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho setjhaba sohle mme ba se bontsha ditholwana tsa naha. 27 Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo o re rometseng ho yona. E phalla lebese le mahe a dinotshi+ mme tsena ke ditholwana tsa yona.+
-