-
1 Marena 8:35, 36Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
35 Ha pula e sa ne+ hobane setjhaba se o etseditse sebe+ mme se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane o entse hore se ikokobetse,*+ 36 e se eka o ka utlwa o le mahodimong mme wa tshwarela dibe tsa bahlanka ba hao e leng setjhaba sa hao sa Iseraele hobane o tla se tataisa+ hore se tsamaye tseleng e nepahetseng, o be o nese pula naheng+ eo o se fileng yona e le lefa.
-
-
2 Dikronike 7:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Ha ke kwala mahodimo hore pula e se ke ya na mme ke laela ditsie hore di je naha le ha ke romela bolwetse bo bolayang hara batho ba ka, 14 haeba batho ba bitswang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla mme ba tlohela ditsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utlwa ke le lehodimong, ke tshwarele sebe sa bona mme ke ntjhafatse naha ya bona.+
-