-
Joshua 2:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 A re ho bona: “Ke a tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tshaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utlwile ka moo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Lewatleng le Lefubedu ha le ne le tswa Egepeta.+ Hape re utlwile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabedi a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a fedisa ka lehlakoreng* lane la Jordane.
-
-
Joshua 5:1Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
5 Hang ha marena ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le lewatle a utlwa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ka pela Baiseraele ho fihlela ba tshetse, a ile a tshoha mme a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+
-