26 Le ka reka eng kapa eng eo le e batlang ebang ke dikgomo, dinku, dipodi, veine le dino tse ding tse nang le jwala le ntho le ha e le efe eo le e thabelang mme le tla di jella moo ka pela Jehova Modimo wa lona mme le thabe le ba malapa a lona.+
66 Letsatsing le latelang* a re setjhaba se tsamaye mme setjhaba sa kopa Modimo hore a hlohonolofatse morena yaba se kgutlela malapeng a sona se thabile ka lebaka la dintho tse ntle+ tseo Jehova a neng a di etseditse mohlanka wa hae Davida le setjhaba sa hae sa Iseraele.
10 Nehemia a re ho bona: “Tsamayang, le je dijo tse monate* mme le nwe dintho tse monate hape le fane ka dijo tse ding+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena le a halalela ho Morena wa rona mme le se ke la utlwa bohloko ka ha thabo eo Jehova a le fang yona e a le matlafatsa.”*