-
Numere 14:39-45Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
39 Ha Moshe a bolella Baiseraele bohle mantswe ana, ba utlwa bohloko haholo. 40 Ho feta moo, ba tsoha hoseng haholo mme ba leka ho nyolohela ka hodima thaba ba re: “Ke rona bana mme re se re itokiseditse ho nyolohela sebakeng seo Jehova a buileng ka sona hobane re entse sebe.”+ 41 Empa Moshe a re: “Ke hobaneng ha le tlola taelo ya Jehova? Ntho eo le batlang ho e etsa e ke ke ya atleha. 42 Le se ke la nyoloha hobane Jehova ha a yo hara lona mme dira tsa lona di tla le hlola.+ 43 Baamaleke le Bakanana ba teng ho kopana le lona+ mme le tla bolawa ka sabole. Ka ha le kgaoditse ho latela Jehova, Jehova le yena a ke ke a ba le lona.”+
44 Le ha ho le jwalo, ba ile ba eba manganga mme ba nyolohela ka hodima thaba+ empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha hara diahelo le Moshe ha a ka a tloha.+ 45 Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba dula thabeng ba theoha mme ba ba hlasela, ba ba hasanya ho ya fihla Horma.+
-