-
Deuteronoma 13:12-15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Haeba le utlwa ho buuwa mantswe ana a latelang ho e meng ya metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore le dule ho yona, 13 ‘Ho na le banna ba se nang molemo ba tswileng hara lona e le hore ba kgelose baahi ba metse ya bona, ba re: “A re yeng mme re sebeletse medimo e meng,” medimo eo le sa kang la e tseba.’ 14 Le hlahlobe taba ena, le etse dipatlisiso mme le botsisise.+ Haeba e le nnete hore ntho ena e mpe e a etsahala hara lona, 15 le bolaye baahi ba motse oo ka sabole.+ Le fedise+ ntho e nngwe le e nngwe e ho wona ho akarelletsa le mehlape ya wona ka sabole.
-