-
1 Samuele 14:47, 48Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
47 Saule a busa dibaka tsohle tsa Iseraele mme a lwantsha dira tsohle tsa hae tse ka mahlakoreng ohle. A lwantsha Bamoabe,+ Baamone,+ Baedomo,+ marena a Zoba+ le Bafilista.+ Hohle moo a neng a ya teng o ne a hlola. 48 O ile a lwana a le sebete, a hlola Baamaleke+ mme a pholosa Baiseraele ho dira tsa bona.
-
-
1 Samuele 15:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Samuele a re ho Saule: “Jehova o ile a nthomela hore ke o tlotse hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele.+ Mamela hore na Jehova o reng.+ 2 Jehova wa mabotho o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baamaleke hobane ba ile ba hlasela Baiseraele ha ba tswa Egepeta.+ 3 Jwale tsamaya o yo bolaya Baamaleke+ mme o ba fedise+ ha mmoho le dintho tsohle tsa bona. O se ke wa ba qenehela. O bolaye+ banna, basadi, bana, masea, dipoho, dinku, dikamele le ditonki.’”+
-