6 Ha Hoshea a ena le dilemo tse robong a busa, morena wa Asiria a hapa Samaria.+ A isa Baiseraele botlamuweng+ Asiria mme a re ba dule Hala, Habore nokeng ya Gozane+ le metseng ya Bamede.+
11 Jehova a etsa hore ba hlaselwe ke balaodi ba masole a morena wa Asiria. Ba tshwara Manase yaba ba mo haka ka dihakisi,* ba mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo, ba mo isa Babilona.
5 Jojakime+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11. O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova Modimo wa hae.+6 Morena Nebukadnezare+ wa Babilona a mo hlasela mme a mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo hore a mo ise Babilona.+