-
Deuteronoma 11:26-28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 Kajeno ke beha tlhohonolofatso le thohako ka pela lona:+ 27 tlhohonolofatso haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le bolellang tsona kajeno,+ 28 kapa thohako haeba le sa mamele ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona+ mme le kgeloha tseleng eo ke le laelang hore le e latele kajeno mme le latela medimo e meng eo le sa kang la e tseba.
-