-
Joshua 12:7, 8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Kgohlong ya Lebanone+ ho ya fihla Thabeng ya Halake,+ e nyolohelang Seire+ yaba Joshua o fana ka naha ya ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka dikarolo tsa yona.+ 8 Dinaha tsena di ne di akarelletsa tse sebakeng se dithaba, Shefela, Araba, meepeng, lefeelleng le Negebe+ e leng naha ya Bahethe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+
-