-
Levitike 7:33-35Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
33 Mora wa Arone ya hlahisang madi a mahlabelo a kopanetsweng le mafura, o tla nka leoto le letona e le kabelo ya hae.+ 34 Mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang mme ke di fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla dula o le teng bakeng sa Baiseraele.+
35 Ena e ne e le karolo e tswang dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e lokelang ho behellwa ka thoko bakeng sa baprista, e leng Arone le bara ba hae, letsatsing leo ka lona ba hlahiswang ho sebeletsa Jehova e le baprista.+
-