-
Joshua 1:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Ke tla le fa sebaka se seng le se seng seo le kenang ho sona* feela jwalo ka ha ke ile ka tshepisa Moshe.+ 4 Sebaka sa lona se tla ba ho tloha lefeelleng ho ya fihla Lebanone le ho ya fihla nokeng e kgolo ya Eufrate e leng naha yohle ya Bahethe+ le ho ya Lewatleng le Leholo* ka bophirimela.+ 5 Ha ho na motho ya tla o hlola ha feela o ntse o phela.+ Ke tla ba le wena feela jwalo ka ha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka o lahla kapa ka o tlohela.+
-