Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 9:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Empa ke o bolokile o phela ka lebaka lena: hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.+

  • Exoda 15:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Jehova, letsoho la hao le letona le matla haholo.+

      Jehova, letsoho la hao le letona le ka thuhakanya sera.

  • Deuteronoma 28:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hore le bitswa ka lebitso la Jehova+ mme di tla le tshaba.+

  • 1 Samuele 17:46
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 46 Letsatsing lena Jehova o tla etsa hore ke o hlole.+ Ke tla o bolaya, ke o kgaole hlooho mme kajeno ke tla fepa dinonyana le diphoofolo tse hlaha ka ditopo tsa masole a Bafilista. Batho bohle lefatsheng ba tla tseba hore ho na le Modimo Iseraele.+

  • 2 Marena 19:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Jehova Modimo wa rona re kopa o re pholose ho morena wa Asiria e le hore mebuso yohle ya lefatshe e ka tseba hore wena Jehova, o Modimo o le mong.”+

  • Pesaleme 106:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 O ile a ba pholosa hore lebitso la hae le tlotliswe+

      Le hore batho ba tle ba tsebe hore o matla.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela