19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Modimo a le ntsha naheng ena, le tsamaye le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo.
22 Josefa o ile a bontsha hore o na le tumelo ka hore ebe ha a le haufi le ho shwa, o ile a bua ka hore Baiseraele ba tla tswa Egepeta mme a fana ka taelo ya hore na ho etsweng ka masapo a hae.+