-
2 Samuele 23:11, 12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 O ne a latelwa ke Shama mora wa Age wa Moharare. Bafilista ba ne ba bokane Lehi, moo ho neng ho ena le tshimo e nang le lensisi e ngata. Batho ba ile ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12 Empa a ema hara tshimo eo, a e lwanela mme a nna a bolaya Bafilista. Jehova a etsa hore batho ba hae ba hlole.*+
-