5 O tla ima mme o be le mora, a se ke a kuta moriri+ wa hae hobane ngwana eo e tla ba Monazari wa Modimo ho tloha ha a hlaha mme e tla ba yena ya etellang pele ho pholosa Baiseraele ho ba Bafilista.”+
31 Ha morao lelapa lohle la ntate wa hae le bana babo, ba lata setopo sa hae. Ba mo tlisa mme ba mo patela pakeng tsa Zora+ le Eshtaole, ka lebitleng la ntate wa hae Manowa.+ Samsone e bile moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 20.+
32 Na ho hlokahala hore ke nne ke tswele pele? Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ ha mmoho le Samuele+ le baprofeta ba bang.