-
1 Marena 1:39, 40Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
39 Moprista Tsadoke a nka lenaka le tshetseng oli+ ka tenteng+ yaba o tlotsa Solomone.+ Ka mora moo, ba letsa lenaka mme batho bohle ba hweletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele!” 40 Ka mora moo, batho bohle ba tsamaya le yena ba mo latela, ba ne ba thabile haholo mme ba letsa makodilo, ba entse lerata hoo lefatshe le ileng la thothomela.+
-
-
1 Dikronike 12:39, 40Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
39 Ba ile ba dula moo le Davida ka matsatsi a mararo, ba ja mme ba nwa dintho tseo bana ba bo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona. 40 Hape ba neng ba le haufi le bona le ba neng ba le dinaheng tse hole tsa Isakare, Zabulone le Nefthali, ba ne ba tlisa dijo ka ditonki, dikamele, dimmoulo le dikgomo, ba tlisa phofo, dipolokwe tsa difeie* tse omisitsweng le tsa morara o omisitsweng, veine, oli le dikgomo le dinku tse ngata haholo hobane Baiseraele ba ne ba thabile.
-