LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 23:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Le tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+

  • Exoda 34:23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Banna bohle ba hao ba hlahe ka pela Morena wa nnete Jehova, Modimo wa Iseraele ka makgetlo a mararo ka selemo.+

  • Deuteronoma 12:5, 6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Empa le ye sebakeng le ha e le sefe seo Jehova Modimo wa lona a tla kgetha ho beha lebitso la hae ho sona le ho dula teng hara meloko yohle ya lona.+ 6 Ke moo le tla tlisa dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ mahlabelo a lona, dikarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo wa lona,+ dinyehelo tsa lona tsa boitlamo, dinyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape wa lona wa dikgomo, wa dinku le dipodi.+

  • Joshua 18:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Setjhaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ mme sa hloma tente ya pokano moo+ ka ha jwale se ne se hapile naha.+

  • Baahlodi 21:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Baholo ba boela ba re: “Ho na le mokete wa Jehova selemo le selemo Shilo+ e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho tsela e kgolo e nyolohang Bethele e yang Shikeme, ka borwa ho Lebona.”

  • Luka 2:41
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 41 Batswadi ba hae ba ne ba tlwaetse ho ya Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete wa Paseka.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share