-
1 Samuele 18:6-8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Ha Davida le ba bang ba kgutla ba tswa bolaya Bafilista, basadi ba ne ba tswa metseng yohle ya Iseraele ba bina+ mme ba tantsha, ba kgahlanyetsa morena Saule ka meropa e menyenyane+ le ka dilute, ba thabile. 7 Basadi ba neng ba keteka ba ne ba bina ba re:
“Saule o bolaile ba dikete,
Davida o bolaile ba dikete tse mashome.”+
8 Saule a halefa haholo.+ O ne a sa rate pina ena. O ile a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tse mashome empa nna ba re ke bolaile ba dikete. Ho setse feela hore ba mo etse morena.”+
-
-
1 Samuele 29:4, 5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Empa dikgosana tsa Bafilista tsa mo halefela mme tsa re ho yena: “Kgutlisa monna enwa.+ Ere a kgutlele sebakeng seo o mo fileng sona. O se ke wa mo dumella hore a ye le rona ntweng e le hore a se ke a re fetohela ha re ntse re lwana.+ O tla batla ho kgahlisa morena wa hae ka ho mo tlisetsa dihlooho tsa banna ba rona. 5 Na eo ha se Davida elwa eo ha ba ntse ba tantsha ba neng ba bina ka yena ba re:
‘Saule o bolaile ba dikete,
Davida yena o bolaile ba dikete tse mashome’?”+
-