Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 27:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 O tla ema ka pela moprista Eleazare, ya tla mo botsetsa qeto ya Jehova a sebedisa Urime.+ Ka taelo ya hae ba tla tswa mme ka taelo ya hae ba tla kena, yena le Baiseraele bohle le setjhaba sohle.”

  • Baahlodi 20:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Jwale Finease+ mora wa Eleazare, eo ntate wa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pela areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ya lwantsha bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamayang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.”

  • 1 Samuele 23:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Ka hoo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ye ke yo bolaya Bafilista baa?” Jehova a re ho Davida: “Eya, o yo bolaya Bafilista mme o pholose Keila.”

  • 1 Samuele 23:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Na baetapele* ba Keila ba tla nehelana ka nna letsohong la hae? Na Saule o tla tla jwalo ka ha mohlanka wa hao a utlwile? Ka kopo Jehova Modimo wa Iseraele, bolella mohlanka wa hao.” Yaba Jehova o re: “O tla tla.”

  • 1 Samuele 28:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Le hoja Saule a ne a botsa Jehova,+ le ka mohla Jehova o ne a sa mo arabe ebang ke ka ditoro, ka Urime+ kapa ka baprofeta.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela