Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Genese 49:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaodi le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ mme ditjhaba di tla mo mamela.+

  • 1 Samuele 15:24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Saule a re ho Samuele: “Ke entse sebe ka ha ha ke a mamela taelo ya Jehova le mantswe a hao. Ke ile ka tshaba batho mme ka mamela seo ba se buang.

  • 1 Samuele 15:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Yaba Samuele o re ho yena: “Kajeno Jehova o o amohile mmuso wa Iseraele mme o tla o fa motho e mong ya molemo ho o feta.+

  • 1 Samuele 16:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Samuele a nka lenaka le tshetseng oli+ mme a mo tlotsa ka pela boabuti ba hae. Moya wa Jehova wa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ya pele.+ Ha morao Samuele a tloha mme a ya Rama.+

  • 2 Samuele 5:4, 5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Davida o ne a le dilemo di 30 ha e eba morena mme o ile a busa ka dilemo tse 40.+ 5 Ha a le Hebrone o ile a busa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng mme Jerusalema+ teng a busa Iseraele yohle le Juda ka dilemo tse 33.

  • 1 Dikronike 11:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Baholo bohle ba Iseraele ba tla Hebrone ho morena mme Davida a etsa selekane le bona Hebrone ka pela Jehova. Yaba ba tlotsa Davida hore e be morena wa Iseraele+ ho ya ka moo Jehova a neng a laetse Samuele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela