-
Exoda 1:19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Babelehisi ba re ho Faro: “Basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta. Ba phetse hantle mme ba beleha le pele mmelehisi a ka tla ho bona.”
-
-
Joshua 2:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Yaba morena wa Jeriko o romela molaetsa ho Rahaba o re: “Ntsha banna ba tlileng mona, ba keneng ka tlung ya hao hobane ba tlile ho tla hlwela naha ena yohle.”
4 Empa mosadi eo a pata banna bao ba babedi. Yaba o re: “Ke nnete hore banna bao ba ile ba tla ho nna empa ke ne ke sa tsebe hore na ba tswa hokae. 5 Ha ho eba lefifi mme keiti ya motse e se e tlo kwalwa, banna bao ba ile ba tswa. Ha ke tsebe hore na ba ile hokae empa haeba le ka ba lelekisa kapele, le tla ba tshwara.”
-
-
1 Samuele 19:12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Hanghang Mikale a ntsha Davida ka fensetere e le hore a balehe.
-
-
1 Samuele 19:14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Saule a romela baromuwa hore ba late Davida empa Mikale a re: “O a kula.”
-
-
1 Samuele 21:2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho le ha e le ofe ka ntho eo a itseng ke yo e etsa le ka ditaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng.
-