17 Yaba Akitofele o re ho Absalome: “Ke kopa o ntumelle hore ke kgethe banna ba 12 000 mme re tsamaye re yo lelekisa Davida bosiung bona. 2 Ke tla mo hlasela ha a kgathetse ebile a se na matla+ mme ke mo tshose. Batho bohle ba nang le yena ba tla baleha mme ke tla bolaya morena feela.+