-
2 Samuele 9:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Morena a tswela pele ho re: “Na ntlong ya Saule ho sa na le motho ya setseng eo nka mo bontshang lerato* le tshwanang le leo Modimo a le bontshang?” Tsiba a re ho morena: “Mora wa Jonathane ya holofetseng maoto a mabedi o ntse a le teng.”+ 4 Jwale morena a re ho yena: “O hokae?” Tsiba a re ho morena: “O ka tlung ya Makire+ mora wa Amiele e Lo-debare.”
5 Kapelepele Morena Davida a re a latwe ntlong ya Makire mora wa Amiele e Lo-debare mme a re a tliswe ho yena.
-