25 O tshepahalla motho ya tshepahalang,+
Ya se nang molato, o mo tshwara ka toka.+
26 Ha motho a le molemo o tla mo etsetsa se molemo+
Empa o sebetsana le ya bolotsana ka bohlale.+
27 O pholosa ba maemong a tlase+
Empa o kokobetsa ba ikgohomosang.+
28 Ke wena ya kgantshang lebone la ka, Jehova,
O Modimo wa ka ya nkgantshetsang lefifing.+
29 Ka thuso ya hao nka hlola lebotho la masole,+
Ka matla a Modimo nka tlola lerako.+
30 Dintho tsohle tseo Modimo wa nnete a di etsang di phethahetse.+
Polelo ya Jehova e hlwekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho yena.+