5 Ha Morena Davida a fihla Bahurime, monna wa lelapa la ntlo ya Saule ya bitswang Shimei+ e leng mora wa Gera, a tswa a rohakana ha a ntse a atamela Davida.+
8 O hopole le Shimei mora wa Gera wa Benjamine ya tswang Bahurime. Ke yena ya ileng a nthohaka+ ha ke ne ke ya Mahanaime.+ Empa ha a tla ho tla kopana le nna Jordane, ke ile ka ikana ho yena ka Jehova ka re: ‘Nke ke ka o bolaya ka sabole.’+